04/08/2026
U ka tshoha oa lohotha eka ha re eo athe ke nako eo re lommeng molomo o ka tlase, nakong eo bebebe esa tloleng re kentse meno💪🔥 Etsoe ha u ka utloa re bua u tsebe re entse, re phethisitse lebelo re le mathile, ehlile ha re bue feela rona baa.......! 👇
Lemo sea thoasa ka Lesotho re bula selemo khoeli kea Phato ehlile ho tla qoba lerole hara masimo mehaeso ha re seheng tema tse toma ehlile sea kolumela selemo🔥🔥🔥🔥
Tsatsing lena ha ke bapatse empa ke batla ho khothatsa tsa'eso tse phelang ka ho sokola, ke bua ka baitshokuli ke bua ka batho beo e reng ha khoeli e feela joaloka ha e felile tjena ebe haho , ke bua ka batho bane ba se nang matsatsi a phomolo, batho bane ba se nang nako ea mosebetsi, hoba potoloho ea selemo bae qeta ntse ba phaqola lihoanti🔥
Ke bua ka lona mehaeso le hlolang le koloba hara melupe ea lipula, ke bua ka lona melala-hlatheng le lulang le nahanne pereko, ebang leka phatsama la ba siko thepa tsa lona li senyeha ka hara li seili le mabokose, batho ba phelang ka matsoho a bona ntse ba sa natse leqeme la mesebetsi😍 mehaeso ka lona ke tlala molota hoba kea tseba ho lona sejo senyane ha se fete molomo🤞🏼??🏼🤞🏼
Re le re're re motlotlo ka lona🤞🏼🤞🏼🤞🏼haeba moo mo u sebetsang u teng everyday, re sa tsotelle na u tla u tshoasitse kapa u sa tshoasa ntjamme u ntho e kholo ka hara naha🔥🔥🔥🔥 tse ngata ha li e khone ntho eno ba ka mpa ba lo lisa likhomo tsa maburu lejoe leputsoa🤞🏼
Taba eaka ke ena mona, ntho ena ke ena! ke eane! Re lula re e supela sebakana, hau re u tla e bona e tshoephohe hona mona, lebaka ke hoba re batlana le ntho e sa batlaneng le rona, bang bae bitsa chelete, bang bae bitsa mali! Ke leka h**e ea rona re se ke ra e beha holima thalaboliba ena e tsoang pakeng tsa mafika le majoe, u ka ba thula hole u ka se e thole hau ka e lelekisa🤞🏼 Let us focus on our work that put a daily bread on the table🙏 MOSEBETSI P*E HOO.....??
Ke sa ea mosebetsing mehaeso❤
Re fumaneha Ha Pita, Ha Matala🤝
Nomoro tsa mohale ke tsena:
+266 6302 3031 calls only
+266 6400 3164 whatsapp only