Makatolle oa likhoro li katiloe

Makatolle oa likhoro li katiloe Contact information, map and directions, contact form, opening hours, services, ratings, photos, videos and announcements from Makatolle oa likhoro li katiloe, Business service, Maseru.

Iketsetse chelete ka ho bapatsa lanolin. Ha u ka khona ho thaotha batho ba 10 ba reka sehlopha se itseng ka lebaka la ha...
30/11/2025

Iketsetse chelete ka ho bapatsa lanolin. Ha u ka khona ho thaotha batho ba 10 ba reka sehlopha se itseng ka lebaka la hao Lesotho 🇱🇸 kapa RSA, u ka fumana 10% kapa Lanolin ea boleng ba sehlopha se joalo.
E.g. 10 X 10 pack ea R600, u fumana R1000 kapa 10 pack
10 X 100 pack ea R5000, u fumana R5000 kapa 100 pack jj

Lanolin e loants'a serame le moo ho leng bohloko oa silila. Hape e holisa moriri. Lanolin ha u itlotsitse ka eona ka sho...
30/11/2025

Lanolin e loants'a serame le moo ho leng bohloko oa silila. Hape e holisa moriri. Lanolin ha u itlotsitse ka eona ka shoalane, ha u longoe ke monoang hohang. E tlosa lichubaba, makhopho le mabali. E felisa menyama. E entsoe ka boea ba nku le matlalo a linku. Its a new technology n purely organic, e felisa le blemishes on the face. E folisa liso le litlapeli baneng le maqeba a bakoang ke lefu la tsoekere. E ka e sebelisoa e le after shave. E loants'a stress, e kokobetsa allergies le lisinus. Lanolin this far is a panacea of life

23/03/2025

Lesotho le eme tsii ke Mapolasi

Mapolasi a teng 👇🏼 🤣

31/07/2024

2 room e hirisoang ha Motloheloa kapa Masianokeng ebe save ebe le metsi le motlakase e aloe holimo le fatse.

Comment ka price le pic if possible.

Commission e tla ba teng

PUSELETSO LEJONE O JA KHOMO HA BA BANG BA JA NTJA _____________________________________________________________Kajeno eb...
08/11/2023

PUSELETSO LEJONE O JA KHOMO HA BA BANG BA JA NTJA
_____________________________________________________________
Kajeno ebile thabo ea nakoana ho batsehetsi ba puso nakong ho neng ho hlapantsoa matona a macha. Sena se tla kamora h**e BAP e nke qeto ea ho hlala bohanyetsi e ikakhele ka likobong tsa muso.

Ho sale joalo karolo engoe ea sechaba se makaletse bosiko ba mohlomphehi Puseletso Lejone ka hare ho lekhotla la matona kaha ele eena a ileng a bululela muso ona moea ha o ne o le makhatheng a lefu. Re sale mothating oona koranta eena e fumane ka mehloli e ka harehare h**e mohlomphehi Lejone o tla lebouoa ka h**e mosali oa hae a isoe boemeling ba naha ea Lesotho ka ntle machabeng ( EMBASSY).

Ho sale joalo mokhethoa lebatooa la Matala #41 Dr Tseliso Moroke o seboko ka h**e ebe tona kholo o mo koenelitse botona le hoja ane a se a rokile sutu ea maemo a emetse nako feela a tsebe ho nka kano.

Ho sale joalo mokhethoa oa Tsoana Makhulo le eena o re a tsoepeleloe botona.

Mosotho a tle a hopole h**e mokhethoa oa Koro-koro Mohlomphehi Mahatanye Tsilo o sa tsoa netefatsa h**e mosali oa hae o sa tsoa ea machabeng ho emela Lesotho empa eo Tsilo o tla hlapanya ele motlatsi oa letona haufinyane.

Hona ho bolela h**e p**a ea mesebetsi ena ka tsekeletsane ka hare ho RFP.

Na o bona eka ho eketsa lekhotla la matona ke pheko ho muso o tsietsing ea ho oela mosotho oa heso?

BOHANYETSI BO KOPA NAMO HO SADC_________________________________________________________26/10/2023Baetapele le baemeli b...
26/10/2023

BOHANYETSI BO KOPA NAMO HO SADC
_________________________________________________________
26/10/2023

Baetapele le baemeli ba baetapele ba mekha le makhotla aka bohanyetsing a ngolletse SADC ba e beha leseling ka maemo a renang ka hara naha eena le h**e eona SADC e kene lipakeng. Ha ra litaba tsa bona ba bontsitse ha teleko ea maparamente ka lekhotleng le eteletseng puso pele ho bakileng h**e muso o lahleheloe ke lipalo mme eaba bohanyetsi bo kenya tsitsinyo ea ho hloka tsepo ho tona kholo ho papisitsoe le temana ea 87 ea molao oa motheo le temana 110 ea melaoana ea tsamaiso ea paramente.

Ka letsatsi leo la la 16/10/2023 tona kholo Ntsokoane ale khasong tsa naha o entse litsoso ho maparamente a tla tsehetsa tsitsinyo eo, ha morao baokameli ba litsi tsa tsireletso le bona ba etsa tsoso e tsoana le ho ikana h**e puso ekeke ea fetoloa ka Paramenteng ka mono.

Ka tlase ke lengolo leo la bona o tla fumana litaba ka botlalo ho lona

25/09/2023

Leha neke khethuoe ne ntse ke tlo phoqa ma ABC ka ho ea ho RFP

Moorosi Tsatsanyane

Mokola o ne a lotiloe ke boetapele ba mekha le makhotla a bohanyetsi ha ane a boloka khaitseli ea hae mafelo ana a beke....
03/09/2023

Mokola o ne a lotiloe ke boetapele ba mekha le makhotla a bohanyetsi ha ane a boloka khaitseli ea hae mafelo ana a beke.

Mohlomphehi Ntoi Rapapa o bile teng le eena ho emela muso oa motlotlehi lefung leo

03/09/2023

TLHOKOMELISO!!!

HONA LE KOARI E QHALANETSENG KA TSELENG LEKHALONG LA KATLEHONG HA O HLAHA PTC.

QHOBQNG KA KELO HLOKO

Ka mora h**e mokhethoa oa Thaba moea a tsoe tlase morero oo leselinyane lena le sa thekeseleng ntlheng ea h**e ebile kar...
27/08/2023

Ka mora h**e mokhethoa oa Thaba moea a tsoe tlase morero oo leselinyane lena le sa thekeseleng ntlheng ea h**e ebile karolo ea oona eleng oa ho fetola tona kholo ka paramenteng, ho utloahala ha basotho ba bangata ba lumela h**e taba eno ha esa tla etsahala haufinyane.

Ba bang ba eketsa ka h**e ntho eno ke tlolo ea molao. Leha hole joalo amang a maramente are pele tona kholo e behoa hoba le lipuisano ka ntle ho paramente ka tsela e tsoanang leha morero oa ho mo fetola o ka ba teng hase mohlolo h**e lipuisano li qale ka ntle ebe haba fihla paramenteng ba se ba phethahatsa seno feela.

Maikutlo a hao ke a feng ka litaba tsee mosotho oa heso?

20/08/2023

MANYELA KOAENG A SUPA HA DR MAHALI LE MOHLOMPHEHI MAKHALANYANE BATLA KOPA NAMO LEKHOTLENG KA TELEKO EA BONA HO RFP

MAHALI LE MAKHALANYANE BA JARISOA THOTO __________________________________________________________19/08/2023Komiti e kho...
19/08/2023

MAHALI LE MAKHALANYANE BA JARISOA THOTO
__________________________________________________________
19/08/2023

Komiti e kholo ea letsolo RFP e ile ea ngolla bahlomphehi bana ba ba beli h**e ba itlalehe ka pele ho komiti ea khalemo. Leha hole joalo bobeli bono bo ile ba kopa tlhakisetso ka mangolo ao ba ileng ba a ngola.

Empa tsatsing lene komiti e kholo e ile ealula mme ea nka qeto ea ho ba behella ka thoko.

1. Ba thibetsetsoe ho tsoara liboka mabatooeng a bona.

Ho kena kopanong ea maparamente a letsolo.

3. Ho ipitsa litho tsa letsolo hokae kapa kae.
4. Ho kopana le maparamente a letsolo kae kapa kae.

Le tse ling tse ngata.

Emong oa litho tsa letsolo o itse lengolo leno ke mantloane ha hona motho aka lelekang emong kaha kaofela hoa litho li feletsoe ke botho ba tsona ka hare ho RFP.

Address

Maseru

Telephone

+26657263436

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Makatolle oa likhoro li katiloe posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share