03/04/2022
MELEMO EA KONOFOLO
Monga tlholeho o file naha ea Lesotho litlama-tlama tse molemo haholo, le hoja Basotho ba bangata ba li tjebela ntle, ba lumela ho tse kokobetsang li sa phekole tse hlahang hole mose ho maoatle! Kajeno re tlo bua ka melemo ea setlama-tlama se khesehang haholo, ka lebaka la monko o hlolang ba bangata, re bolela konofolo kapa sefotha-fotha.
1. Konofolo e nyolla, le ho fa sesole sa 'mele matla, motho ea nang le sesole se fokolang sa 'mele o ts'oara ke mafu a mangata ha bobebe.
2. Konofolo e nts'a chefu e keneng maling(antibiotic).
3. Konofolo e fa lero la botona matla, ho bontate.
4. Konofolo e fokotsa kapa ho felisa lets'ollo.
5. Konofolo e felisa sefuba kapa mokhohlane o matla haholo.
6. Konofolo e boetse e folisa 'metso, e kaba o bohloko kapa o nang le liso.
7. Konofolo e boetse e folisa hlooho, e bula mats'oafo le sefuba.
8. Konofolo e bolaea le ho timetsa kankere ea qoqotho.
9. Konofolo e folisa lisaenase.
10. Konofolo e beha phallo ea mali taolong, e fokotsa monyetla ea motho ho ts'oaroa ke setorouku.
11. Konofolo e boetse e natifisa lijo, ka ho khabela makhasi a eona 'me u a ts'ela ka nameng, litapoleng le morohong oa sepiniche.
12. Bo teng ba konofolo jareteng, bo etsa h**e linoha, monoang, bosoleisi le matsetse li balehe.
13. Konofolo e nale matsoai a hlokahalang 'meleng, e le vitamin A le C, sodium, iron, copper le tse ling.
Ho e sebelisa lijong, u khabela bo ka holimo ba konofolo empa lebakeng la mafu le lipholiso tsa eona, u sebelisa methapo 'me eona ua e belisa, u qetelle ka ho phoka.
💞 Hopola ho latela leselinyana lena u lule u le sehlohlolong sa litaba ka linako tsohle.