28/11/2021
TEMO MMUTLA
Melemo ea ho ja nama ea Mmutla Bophelong ba rona
1. Nama ea mmutla ke e 'ngoe ea nama tse tšoeu, ke nama e ntle ka ho fetisisa e fumanehang 'marakeng kajeno.
2. Nama ea mmutla e na le karolo e phahameng ea protein e hlokuoang ke mmele ebile ke nama e silehang habonolo e khothaletsoang ke lingaka.
3. E na le palo e fokolang ea mafura har'a nama tse ling tsohle tse fumanehang mabenkeleng.
4. Nama ea mmutla e na le boleng ba likhalori tse nyane ho feta nama tse ling.
5. Nama ea mmutla e batla e sena cholesterol 'me ka hona e khothaletsoa haholo h**e e jooe ke bakuli ba lefu la pelo.
6. Nama ea mmutla ke nama e nang le masapo a fokolang , a bonolo a bile a jehang ho fetisa nama tsohle le hofeta nama ea khoho.
7. Nama ea mmutla e na le melemo e mengata ea bophelo bo botle, ena le tatso e monate e ka bapisoang le nama ea khoho.
8. Mmutla ke e 'ngoe ea liphoofolo tse ruehang habobebe lapeng mme ke phofolo e tsoalang haholo hoba mmutla o emara [gestation period] matsatsi a 27 hoisa ho isa ho a 35 pele o tsoala.
Mmutla o le mong o ka tsoala bongata ba malinyane a mabeli (2) ho isa ho malinyane a 15 kapa ho feta.
Joalokaha u bona, hona le melemo e mengata ea bophelo bo botle hojeng nama ea mmutla ebile nama ena ena le theko e tlaase ho mo hlahisi. Hobaneng o sa leke ho kenyelletsa nama ea mmutla lijong tsa hau kajeno? E leke le oena mme u tla e rata! Sebelisa mmutla sebakeng sa khoho ho mophehong oa hao.
Lula re rona and share to others....
Kamoso re tlo fana ka thuto mahala ho ba ka ratang ho ithlahisetsa limmutla le nama ea tsona malapeng kapa lipolasing tsa bona... Lula le rona..